1. Ha ke le tjee, ke le mobe,
Ke le ya khesehang,
Na har’a baetsadibe
‘Na ke bonoe jwang?
Jo, ke mohlo-hlolo
Ha ke ratwa le ‘na
Ka rato le lekalo
Le ke Morena
2. O nkentse jwang moratuwa,
Ntho e hlokolosi
Le daemane ya bohlokwa,
‘Na molefatshe?
Jo, ke mohlolo…
3. wa mpatla, wa mpatlisisa
Ka dilemo-lemo;
Wa mphumana, wa mphedisa,
Oona Modimo.
Jo, ke mohlolo-hlolo…
4. Ke phela ka boiketlo
Atleng tsa Morena;
Ke ka thaka ya leihlo
Le ‘na ho eena,
Jo, ke mohlolo-hlolo..