1. ya itshepelang Modimo
Le botshepehi ba oona,
A ka hla dula ka khotso
Har’a tshiu tsa mefuta.
Mookamedi ya renang
O tseba see re se hlokang.
2. di thusang dipelaelo,
Le ‘ona masisapelo?
Na Moabi wa bophelo
H’a bo dise ka lerato?
Mookamedi ya renang
O tseba see re se hlokang.
3. Betang pelo, ba Morena,
Le mo siele sebaka;
O tla tseba ho fetola
Tsohle molemo wa rona.
Mookamedi ya renang
O tseba see re se hlokang.
4. Ruri o s’a ikhethetse
Motsotso wa ho re thusa;
Ho bana ba hae o tletse
Rato le se nang ho fela.
Mookamedi ya renang
O tseba see re se hlokang.
5. Se re, ha o s’u hlomoha:
Ke lahliloe ke Morena!
‘Me batho ha ba qhomeha,
Ba filoe lehlohonolo!
Mookamedi ya renang
O tseba see re se hlokang.
6. Ha bohloko bo o kena,
Bo o tuba, sheba Jesu!
Sefapanong sa Golgotha
Ke diba sa matshediso.
Mookamedi ya renang
O tseba see re se hlokang.
7. Tshaba Modimo, moena,
U hate tsela ya oona.
Mehopolo ‘nqa ho wena
Ke e molemo ka mehla.
Mookamedi ya renang
O tseba see re se hlokang.
8. Morena, mponele tsohle;
ke ya o tshepa, wena fela.
U ntate, ntsamaise hle;
Tshepo ya ka e ho wena.
Wena Jehova ya renang,
U tseba see ke se hlokang.
More Stories
Cooler as ekke Lyrics by Jack Parow
Veilig Lyrics by Jack Parow ft Janie Bay
Maak Nie Regtig Saak Nie lyrics by Karen Zoid