1 Bolelang, taba tsa Jesu,
Tsebisang balahlehi,
Le tumise tsa topollo
E tletseng batho bohle.
Bolelang taba tsa hae,
Tumisang rato la hae.
Bolelang taba tsa Jesu,
Tumisang rato la hae.
2 Romelang mangosa hohle
A hase Lentswe la hae;
Dikhutlo le dikhutlwana
Di hlohome ka thabo.
Bolelang taba tsa Jesu…
3 Re tla pheta tsa topollo
E tlisitsweng ke Jesu
Ho baetsadibe bohle
Ba ratang ho pholoha.
Bolelang taba tsa Jesu…
4 Re tla be re ba rapelle
Hore ba tswe timeloeng;
Ba kene khanyeng e hlollang
Bophelong bo sa feleng.
Bolelang taba tsa Jesu…
More Stories
Cooler as ekke Lyrics by Jack Parow
Veilig Lyrics by Jack Parow ft Janie Bay
Maak Nie Regtig Saak Nie lyrics by Karen Zoid