1. Se mphete, uen’a ratehang,
‘Moloki wa ka;
Ha o ntse o utlwa ba bang,
U nkutloe le ‘na!
Jesu, Jesu, ke ya o rapela,
Ha o ntse o sitsa ba bang,
Se mphete le ‘na.
2. Ke ka ho hlomoha pelo
Ke tlang ho wena;
Ha o hauhela batho,
Nkhauhele le ‘na.
Jesu, Jesu, ke ya o rapela, …
3. Na ke ne ke tla tshepa mang,
Ha e se wena?
Ha o nts’u fodisa ba bang,
Mphodise le ‘na.
Jesu, Jesu, ke ya o rapela, …
4. Ha ke na se o khahlisang,
Ke mofutsana;
‘Me ha o sa khese ba bang,
se nkhese le ‘na.
Jesu, Jesu, ke ya o rapela, …
5. Jesu, na nka phelela mang,
Ha e se wena?
A lerato le lekaakang;
U nchoetse le ‘na!
Jesu, Jesu, ke ya o rapela, …
6. Tsohle tsee ke di thabelang
Di tswa ho wena;
ruri, ha o rata ba bang,
Wa nthata le ‘na.
Jesu, Jesu, ke ya o rapela, …
More Stories
Cooler as ekke Lyrics by Jack Parow
Veilig Lyrics by Jack Parow ft Janie Bay
Maak Nie Regtig Saak Nie lyrics by Karen Zoid